Sunday, 29 March 2015

Mphe maleme a sekete - Hymn 1 Sesotho

1.Mphe maleme a sekete,
Le na ke tlerole;
Ke utloahatse ka hohle
Lihlolo tsa mohau.

2.Moren'a ka ea mohau,
nthuse ke bolele,
Litlotliso tsa hao tsohle,
Fatseng lena lohle.

3.Jesu lebitso le fenyang
Masoabi le tsabo;
Ho baetsadibe bohle,
Le tlisa topollo.

4.O roba matla a sebe ;
O lokolla batho ;
Mali a hae a ka hlatsoa
Lipelo tse khopo.

5.Bafu ha ba utloa lentsoe
La Morena Jesu,
Ba amohela bophelo
Bo bocha kaofela.

6.Batho bohle,lumelang,hle,
Moren'a bophelo;
Le lopolloe ka mohau
Oa Morena Jesu.

7.Libe tsa lona li beiloe
Mahetleng a Jesu.
o ineetse sehlabelo
Ka baka la batho. 
Amen

Bonang suna

Bonang suna
O fihlile, Jesu ngaka ya batho
O lerato, O sebete
Bonang ke yena Jesu.

O! bitso, le ratehang
Ke le letle ha kaakang
Ha le binwa ke batho
Lebitso la Jesu.

Utlwa lona ba swabileng
Le kgathetseng dipelo
Ya ka le tshedisang o teng
E s’e le yena Jesu
Le dibe tse ntsho, tse ngata
Tse lebakelang lefu
O di hlakotse kaofela
O! dumelang ho Jesu
O! Le lehlohonolo jwang!
Le hopotswe ka jeno
O fihlile ya le ratang
Bonang ke yena Jesu!
Le mo fapeng la dithoko
Mo buleleng dipelo
Mo amoheleng ka thabo
Yena Morena Jesu
Bitso la hae le nkgapile
Le nhlomodisa pelo
Jwale le ka mehla yohle
Ke tla bina le Jesu. Amen