Sunday, 22 March 2015

Se mphete, Uen'a ratehang - Hymn 68 seSotho.

Se mphete, Uen'a ratehang,
'Moloki oa ka;
Ha u ntse u utloa ba bang,
U nkutloe le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.


Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho uena;
Ha u hauhela batho,
Nkhauhele le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.

Na ke ne ke tla Tshepa mang,
Ha e se uena?
Ha u nts'u folisa ba bang,
Mpholise le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.

Ha ke na se u khahlisang,
Ke mofutsana;
'Me ha u sa khese ba bang,
Se Mkhwanazi le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.

Jesu, na nka phelela mang,
Ha e se uena?
A lerato le lekakang!
U nchoetse le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na.

Tsohle tse eke li thabelang
Li tsoa ho uena;
Ruri, ha u rata ba bang,
U nthate le 'na.

Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sits a ba bang
Se mphete le 'na. 
Amen

No comments:

Post a Comment